Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.
Daniele 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha le ka ntekanyetsa toro le kwahollo ya yona, le tla bona dimpho le meputso le hlompho e fetisisang ho nna; hlong le ntekanyetse toro le kwahollo ya yona. BIBELE Empa ha le ka mpolella toro ena, la ba la ntlhalosetsa yona, teng ke tla le nea dimpho le meputso le tlotla e kgolo. Ka baka leo, mpolelleng toro ena, le be le ntlhalosetse yona.” |
Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.
Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.
Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.
hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.
Balake a re ho Balaame: Ha ke re, ke ne ke romele ho wena hore o ye ho bitswa na? A ke ka baka lang ha o sa ka wa tla ho nna na? Hleka nka sitwa ho o etsa ka hlompho na?
Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha, ba nketse senohe dimpho. Ba fihla ho Balaame, bo mo phetela mantswe a Balake.
Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka.