Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ke tla o tlotla haholo, mme ke tla etsa eng kapa eng eo o tla ntaela yona. Ka baka leo, tloo, ke a o rapela. Nthohakele setjhaba sena!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:17
12 Referencias Cruzadas  

Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.


Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona.


A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;


Balake a re ho Balaame: Ha ke re, ke ne ke romele ho wena hore o ye ho bitswa na? A ke ka baka lang ha o sa ka wa tla ho nna na? Hleka nka sitwa ho o etsa ka hlompho na?


Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.


Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka.


Yaba o mo hlapanyetsa ka kano, a re, o tla mo nea ntho eo a ka e qelang, leha e ka ba eng le eng.


Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?


O tla bala diveke tse supileng, o qale ho bala diveke tse supileng hona ka nako eo o kenyang sekele korong ya hao ka yona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos