Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A fihla ho Balaame, a re ho yena: Ho thwe ke Balake, mora Tsippore: O se ke wa thibelwa ke letho ho tla ho nna;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Mahosana ao a fihla ho Bileame, mme a re ho yena: “Balake, mora wa Sipore, o buile tjena: ‘Ho se be letho le ka o thibelang ho tla ho nna, ke a o kopa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:16
5 Referencias Cruzadas  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Balake a boela a roma marena a fetisang a pele ka bongata le ka ho hlompheha.


hobane ke tla o hlompha haholo, mme ke tla etsa tsohle tseo o tla mpolella tsona; ke a o rapela, tloo o nthohakele setjhaba seo.


Balake a re ho Balaame: Ha ke re, ke ne ke romele ho wena hore o ye ho bitswa na? A ke ka baka lang ha o sa ka wa tla ho nna na? Hleka nka sitwa ho o etsa ka hlompho na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos