O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.
BaKolose 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho. BIBELE Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe. Baasraak Sotho NT Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho. |
O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.
Haele moo ba hlomilwe ka tlung ya Jehova, ba atleha mabaleng a Modimo wa rona; ba sa tla bea le boqhekung ba bona;
ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.
O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.
O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng.
Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,
e leng yena ya tlang ho le tiisa ho isa qetellong, le tle le be ba sa tlong ho nyatsuwa letsatsing la Morena wa rona Jesu Kreste.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
Le lebohe kamehla Modimo, Ntata rona, ka baka la ntho tsohle, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona.
ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.
Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.
o tshedise dipelo tsa lona, mme o le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo!
Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.
Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.
Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.
Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;
Empa haele lona, baratuwa, le nne le ikgahe hodima tumelo ya lona e halalelang ka ho fetisisa, mme le rapele ka Moya o Halalelang;
Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,