Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Dipesaleme 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 1:3
32 Referencias Cruzadas  

Mong a ntlo ya teronko o ne a sa hlahlobe letho la dintho kaofela tse leng matsohong a hae, hoba Jehova o ne a na le yena, mme seo a neng a se etsa, Jehova o ne a mo atlisetsa sona.


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.


Ke hona o tla atleha, ha o iponela hore o etse ka melao le ditaelo tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Iseraele. Iphe matla, o tiye; se tshabe, mme o se ke wa tshoha.


Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.


Ba bangata ba tlisa nyehelo ho Jehova, Jerusalema, le dintho tsa bohlokwa ho Esekiase, morena wa Juda, kamoo a neng a sa tswa hodiswa mahlong a ditjhaba kaofela kateng.


ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.


Ha o ka rera taba e nngwe, e tla o hlahela, lesedi le kganye tseleng ya hao.


E, o tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya matsoho a hao. Menono le lehlohonolo di be ho wena!


le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!


ba sa le moko le botala;


ba tle ba bolele hoba Jehova o lokile. Ke yena lefika la ka, mme ha ho bokgopo ho yena.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.


a tle a mele hara botala, jwaloka meduwane pela metsi a phallang.


Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.


O ne o lemilwe tshimong e ntle, pela metsi a mangata, hore o tle o hlomele mahlomela, o behe le ditholwana, hore o be o fetohe morara o motlemotle.


Mmao e ne e ka morara o hlomilweng pela metsi jwaloka wena; o ne o beha haholo, o bile o hlometse mahlomela a mangata ka baka la metsi a mangata;


Ka baka leo, ya nna ya ikgohomosa kamoo e neng e feta difate tsohle tsa naha kateng, ka bolele; mahlomela a yona a nna a ata, makala a yona a nna a hola, hobane e ne e mediswa ke metsi a mangata.


Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.


Di alehile jwaloka mohlaka, jwaloka ma simo seoding sa noka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Jehova, jwaloka dikedare pela metsi!


Letsatsi ha le tjhaba, tsa pona; mme tsa etjha ke ho hloka metso.


A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.


Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae.


Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Jehova o tla laela hlohonolofatso hore e be le wena medikong ya hao, le mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona; o tla o hlohonolofatsa lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.


Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;


Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a noka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi, mme se beha ditholwana ka dikgwedi tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho fodisa baditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos