Jeremia 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana. Ver CapítuloBIBELE8 O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.” Ver Capítulo |
Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.