BaKolose 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle. BIBELE Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele. Baasraak Sotho NT Ke yena hloho ya mmele, ya kereke; e le hore a tle a be le sebaka sa pele nthong tsohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke yena hloho ya mmele, ya kereke; e le hore a tle a be le sebaka sa pele nthong tsohle. |
Moratuwa wa me o mosweu, o bile o mofubedu; o kgetheha mahareng a ba dikete tse leshome;
Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.
Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.
ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.
kamoo ho itsweng kateng, Kreste o tla bolawa, e be yena ya tsohang pele bafung, a tle a bolele lesedi ho setjhaba sena le ho ditjhaba tse ding.
Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.
Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.
hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.
hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.
Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.
Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo —
Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.
le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!
Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.
A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.
Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo: