Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Haele lona, le mmele wa Kreste, mme le ditho tse ding tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Lona le mmele wa Kreste. E mong le e mong wa lona ke setho sa wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:27
14 Referencias Cruzadas  

ka mokgwa o jwalo, rona re leng bangata, re mmele o le mong ho Kreste, mme bohle re ditho ba bang tsa ba bang.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.


Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.


Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? Na nka etsa ditho tsa Kreste ditho tsa seotswa? Tjhe, le ho leka!


Kereke e leng mmele wa hae, le phetheho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle.


ho phethisisa bahalaledi, ho etsa tshebetso ya bodisa, ho hahisa mmele wa Kreste;


hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.


Hobane re ditho tsa mmele wa hae.


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos