E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.
Baefese 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) le ntse le tseba hobane e mong le e mong, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang, o tla newa ke Morena ka tekano ya botle boo a bo entseng. BIBELE Tsebang hore motho ka mong o tla fumana moputso ho Morena, ka baka la tsohle tse lokileng tseo a di etsang, le haeba motho eo e le lekgoba kapa molokolohi. Baasraak Sotho NT Le ntse le tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo motho a e etsang, o tla e newa ke Morena, ebang ke lekgoba kapa ya sa ruilweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le ntse le tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo motho a e etsang, o tla e newa ke Morena, ebang ke lekgoba kapa ya sa ruilweng. |
E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.
Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.
Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng.
Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; hobane ba hlorisitse jwalo baporofeta ba bileng teng pele ho lona.
Iponeleng, le tle le se ke la hlahisa ho loka ha lona pontsheng ya batho, hore le bonwe ke bona; ha ho le jwalo, ha le ka ke la newa moputso ke Ntata lona ya mahodimong.
mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.
Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.
Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.
Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.
Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.
Ya etsang bokgopo, o tla jara bokgopo boo a bo entseng; hape Modimo ha o ahlole ka tshobotsi ya batho.
a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.