Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 6:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

35 Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:35
21 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo ya fanang, ya adimanang; nyewe ya hae e tla emelwa kahlolong.


Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ya hae e aparetse mesebetsi yohle ya hae.


o fana kamehla, o bile o a adima, mme hlohonolofatso e dutse hodima ditloholo tsa hae.


mme ho tla thwe: Moputso o teng ruri wa ya lokileng; ruri, Modimo o teng o ahlolang lefatshe.


Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.


Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.


Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.


A ntoo howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena keng, Jesu, Mora Modimo o moholoholo? Ke o antsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.


Mme jwale, ebang lereko, jwalokaha Ntata lona le yena a le lereko.


Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana.


Moo Ntate a tlotliswang teng, ke ha le beha haholo: le hona ke moo le tla ba barutuwa ba ka.


Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos