Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:11
36 Referencias Cruzadas  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Bona, ke tla o hlahisetsa bomadimabe, ke o hlakole, ke timetse le ba Akabe ba batona, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng.


o ke o utlwe, o le mahodimong, o etse, o ahlolele bahlanka ba hao, ka ho tswa ya molato, o busetse hodima hlooho ya hae ka metsamao ya hae, mme o bolele ya lokileng, o be o mo putse ka ho loka ha hae.


Leha nka tshoha ke etsa molato, ho madimabe nna! Le hoja ke se na molato, ke tshaba ho emisa hlooho, hobane ke kgotshe dihlong, mme ke itsebela bomadimabe ba ka.


O ba fe moputso o lokelang mesebetsi ya bona le bolotsana ba diketso tsa bona! O ba putse ka mosebetsi wa matsoho a bona, o busetse ho bona kamoo ba entseng kateng.


le wona mohau ke wa hao, Morena, hobane o busetsa ho e mong le e mong ho lekanang mesebetsi ya hae.


jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.


Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!


Ka tsa molomo wa hae motho o tla kgora molemo; mme motho o tla putswa ka seo matsoho a hae a se sebetsang.


Ya tjhekang lemena o tla wela teng, mme lejwe le tla boela hodima ya le thetang.


Molotsana yena ho ke ke ha dula hantle le yena, mme a ke ke a atelwa ke matsatsi. O tla feta jwaloka leswiti, hobane ha a ka a tshaba ho etsa hampe pela sefahleho sa Modimo.


Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.


Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana, ho bolela Jehova!


Teng, ha ho lesea le tlang ho tswallwa hore le phele ka matsatsi a se makae, ha ho leqheku le sa tlo ka le phetha palo ya matsatsi a lona; hobane ya tlang ho shwa a le dilemo tse lekgolo, etlaba o shwele a sa le motjha; ya tla shwa a le dilemo tse lekgolo, e tla ba moetsadibe ya rohakwang ka hlapa.


Bonang, dibe tsa bona di ngodilwe pela ka; nke ke ka kgutsa, ke eso ho di busetse le ho di buseletsa difubeng tsa bona;


e leng makgopo a lona le makgopo a bontata lona hammoho, ho bolela Jehova, ba neng ba tjhesa dibano hodima dithaba, ba ntlotlolla le hodima maralla; ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa difubeng tsa bona moputso wa diketso tsa bona tsa pele.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Empa e mong le e mong o tla shwa ke bokgopo ba hae; e mong le e mong ya jang morara o bodila, meno a hae a tla thella.


Hobane Morena Jehova o re: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, wena ya nyedisitseng kano ka ho roba selekane.


Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.


La e phutholla pela ka, e ngodilwe kahare le kantle, e ngodilwe dipobodi, le kodiyamalla, le difehelo.


Nna, Jehova, ke boletse; taba tseo di a tla, ke tla di etsa le hona; nke ke ka latola molato, leha e le ho qenehela, mme nke ke ka sutha. O tla ahlolwa ka metsamao ya hao le ka diketso tsa hao: ho rialo Morena Jehova.


Ha nka re ho molotsana: Molotsana, kannete o tla shwa! ... ha o sa bue ho eletsa molotsana eo hore a furalle mokgwa wa hae, molotsana eo o tla timela ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la hao.


Mohlang oo, ba tla howeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utlwa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ya bona.


Empa lefatshe le tla senyeha ka baka la baahi ba lona, ka baka la tholwana ya metsamao ya bona.


Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Modimo wa busetsa le dihloohong tsa banna ba Sikeme bobe bohle boo ba bo entseng. Thohako ya Jothame, mora Jerubbaale, ya ba hlahela jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos