Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:8 - Baasraak Sotho NT

8 Le ntse le tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo motho a e etsang, o tla e newa ke Morena, ebang ke lekgoba kapa ya sa ruilweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 le ntse le tseba hobane e mong le e mong, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang, o tla newa ke Morena ka tekano ya botle boo a bo entseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Tsebang hore motho ka mong o tla fumana moputso ho Morena, ka baka la tsohle tse lokileng tseo a di etsang, le haeba motho eo e le lekgoba kapa molokolohi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Le ntse le tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo motho a e etsang, o tla e newa ke Morena, ebang ke lekgoba kapa ya sa ruilweng.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:8
20 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Ba re ho yena: Ke hobane ha ho motho ya re hirileng. A re ho bona: Le lona eyang tshimong ya merara; mme tsohle tse lokileng, le tla di amohela.


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;


Iponeleng, le tle le se ke la etsa ho loka ha lona pela batho, hore le bonwe ke bona; ho seng jwalo, ha le na moputso ho Ntata lona ya mahodimong.


Hore dithuso tsa hao di be sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.


O tla ba lehlohonolo; hobane ba ke ke ba o buseletsa, hobane o tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.


Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;


Hobane rona bohle re kolobeleditswe mmeleng o le mong ka Moya o le mong, leha re le Bajuda, leha e le Bagerike, leha re le makgoba kapa ba lokolohileng; ’me bohle re nositsoe Moeeng o le mong.


Hobane bohle re na le ho hlaha pela setulo sa kahlolo sa Kreste; e le hore e mong le e mong a tle a amohele mesebetsi ya mmele ya hae, ho ya ka seo a se entseng, leha e le se setle kapa se sebe.


Ha ho Mojuda kapa Mogerike, ha ho lekgoba kapa motho ya lokolohileng, ha ho monna kapa mosadi, hobane kaofela le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


moo ho seng Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, moditjhaba kapa Moskitha, lekgoba kapa motho ya lokolohileng, empa Kreste ke tsohle, mme o ho bohle.


Le ntse le tseba hore le tla fuwa ho Morena moputso wa lefa, hobane le sebeletsa Morena Kreste.


Empa ya etsang hampe o tla fuwa bobe boo a bo entseng; mme ha ho tshobotsi ya batho.


Ka hona le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.


a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos