Baefese 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete. BIBELE Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete. Baasraak Sotho NT (Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;) Contemporary Southern Sotho Bible 2024 (Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;) |
Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.
Haele nna, banabeso, ke a tshepa hore le lona le tletse molemo, le hoba le tletse le tsebo yohle, mme le hona le ka tseba ho eletsana.
Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?
Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.
Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.
le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.
Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.
Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;
Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;
Ha le tseba hobane o lokile, le ke le tsebe hoba e mong le e mong ya etsang ho lokileng, o tswetswe ke yena.
Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo.