Yaba o re: Bonang, e sa le motshehare o moholo, ha e eso ho be nako ya ho phutha mehlape; nosang dinku, le tswe le ya di alosa.
Baefese 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lopollang dinako, hobane mehla e se e le mebe. BIBELE le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe. Baasraak Sotho NT Le lopolle nako, hobane matsatsi a khopo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le lopolle nako, hobane matsatsi a khopo. |
Yaba o re: Bonang, e sa le motshehare o moholo, ha e eso ho be nako ya ho phutha mehlape; nosang dinku, le tswe le ya di alosa.
Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.
O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Morena a araba, a re: Ke lemoha kannete hoba le batla ho ekeletswa nako, kahobane le bona ha taba eo e mphonyohetse.
Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.
Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.
Ka baka leo, ke lekanya hore ho ka ba molemo ho motho ho itulela jwalokaha a dutse, ka baka la tsietsi ya mehla ena.
ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona.
Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.
Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.