Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Ka baka leo, le se ke la ba mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ka baka leo, le se ke la ba mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:17
17 Referencias Cruzadas  

Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


O ntshenolele tsela ya ditemoso tsa hao, mme ke tla nahanisisa mehlolo ya hao!


Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.


ke moo o tla tseba ho tshaba Jehova, o fihlele tsebo ya Modimo;


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Ha ho le jwalo, iponeleng hore le tsamaye ka kelello, e seng jwaloka mawatla, e mpe e be jwaloka ba bohlale.


Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Modimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos