Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.
Baefese 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng; BIBELE O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele. Baasraak Sotho NT A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena. |
Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.
A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.
Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.
Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena; mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.
o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.
le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.
Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.
Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.
Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.
hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho; empa e bile ka tshenolo ya Jesu Kreste.
Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona,
ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;
Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;
ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;