Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:11
40 Referencias Cruzadas  

Ho wona Modimo ho dutse bohlale le matla; o na le kelello le kutlwisiso.


Bona, Modimo o etsa tseo tsohle habedi, hararo, ho motho,


Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiseditswe lefa la bona ka ho sa feleng;


keletso le hlalefo ke tsa ka, le wona masene le matla a ho nna.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.


Ba reng: Ha a phakise, a akofise mosebetsi wa hae, re tle re o bone; morero wa Mohalaledi wa Iseraele o atamele, o hlahe, re tle re o leke.


Hobane ke mang ya kileng a ema morerong wa Jehova, mme a bona, a utlwa lentswe la hae? Ke mang ya kileng a ela lentswe la hae hloko, mme a le utlwa?


O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;


Ke yena ya tla haha ntlo ya Jehova; o tla apara kganya, a dule e le morena teroneng ya hae; hape, e tla ba le moprista teroneng ya hae, mme morero wa kgotso o tla ba teng mahareng a bobedi boo.


Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena; mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.


o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.


le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.


Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi wa hae?


Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


Mme bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; mme bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; mme bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotlisitse.


Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —


Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.


e leng wona tebeletso ya lefa la rona, ho tle ho lopollwe bao Modimo o ithuetseng bona, e be thoriso ya kganya ya wona.


o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,


oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle;


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


le ntse le leboha Ntate ya re entseng ba loketsweng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi leseding;


le tswe le tseba hobane le tla fuwa ke Morena moputso wa lefa; le sebeletsa Kreste Morena.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.


Ke ka baka leo Modimo, mohla o ratileng ho kgodisisa majalefa a pallo hoba morero wa wona ha o na ho fetoha, o kileng wa kenya kano;


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos