Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 1:9
41 Referencias Cruzadas  

O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.


Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.


Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle.


Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.


ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.


mohlomong ke tle ke tsose ba nama ya ka ka mona, mme ke pholose ba bang ho bona.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Jwale, ho ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le polelong ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se kwahetswe mehleng ya boholoholo,


Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.


Hobane enere ha mafahla a eso ho tswalwe, a eso ho etse botle, leha e le bobe, — hore ho tle ho bonahale hoba morero wa Modimo, ha o kgethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ya ya bitsang, —


Ke kahoo o re bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba;


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;


wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;


ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),


ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, mme ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekantsweng teng, e leng pheo eo re e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste.


Hobane Modimo ha o a ka wa re biletsa ditshileng, empa e le kgalalelong.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka baka la pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste;


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


ya neng a rerwe lefatshe le eso ho thewe, a ntoo bonahatswa mehleng ya qetello ka baka la lona,


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos