Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:9
28 Referencias Cruzadas  

A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Kganya e be ho Modimo mahodimong, kgotso e be lefatsheng ho batho bao a ba ratang.


Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena, mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.


Ene yo, e rile a sena go neelwa ka kgakololo e e tlhomamisitsweng le ka boitsebelopele jwa Modimo, lo mo tsere, mme lwa mmapola, lwa mmolaya ka diatla tsa baikepi.


E le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le morero wa hao o di rerileng esale pele, hore di tla etsahala.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho, empa e le ka tshenolo ya Jesu Kreste.


Empa eitse ha ho kgahla Modimo, ya nkarohanyang le popelong ya mme, wa mpitsa ka mohau wa wona,


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.


Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.


moo o re atiseditseng ho wona ka bohlale bohle le kelello;


ho ya ka morero o sa feleng oo a o rerileng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos