Baefese 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) le tsebe le boholo bo sa lekanngweng ba matla a wona ho rona ba dumetseng, ka tshebetso ya matla a wona a sa sitweng ke letho; BIBELE le seo boholo bo fetisisang ba matla a hae bo leng sona ho rona ba dumelang. Ka wona matla ao a hae a maholo, Baasraak Sotho NT le boholo bo fetisisang bo fetisisang ba matla a wona ho rona ba dumelang, ka tshebetso ya matla a wona a maholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le boholo bo fetisisang bo fetisisang ba matla a wona ho rona ba dumelang, ka tshebetso ya matla a wona a maholo. |
o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.
Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.
Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.
Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.
Hobane re mosebetsi wa wona, re bopetswe ho Jesu Kreste mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele, re tle re itsamaele ho yona.
Ho yena ya ka tsebang, ka matla a hae a sebetsang ho rona, ho etsa ho fetisang haholo tsohle tseo re ka di qelang le tseo re ka di hopolang,
eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.
hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.
ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.
Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.
Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.
Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.
Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona o le etse ba lokelwang ke pitso ya wona, mme o phethe ka ho lona ka matla dithato tsohle tsa mosa wa wona, le mesebetsi yohle ya tumelo;
Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.
E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.