Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 o sebeditse ho Kreste, ha a mo tsosa bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona, mahodimong,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 tseo a di entseng ho Kreste, mohla a mo tsosang bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Tseo a di entseng ho Kreste, mohla a mo tsosang bafung, mme a mmea ka letsohong la hae le letona mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 1:20
33 Referencias Cruzadas  

Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!


Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.


Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.


Nna le Ntate, re bang feela.


Empa Jesu eo, Modimo o mo tsositse bafung ka letsatsi la boraro, mme o mo hlahisitse pontsheng,


Hleka le re, ke ntho e ke keng ya ba ya dumeleha ho rona, hoba Modimo o tsosa bafu na?


ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;


Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;


Hobane ka ho yena ho hlodilwe tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, leha e le diterone, leha e le marena, leha e le dihlooho, leha e le mebuso; tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;


Empa yena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la dibe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Modimo,


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos