Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:12
31 Referencias Cruzadas  

Baapostola ba re ho Morena: Totisa tumelo ya rona.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.


Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.


empa ke ho lekanya le rona, hore re tla ho ballwa, rona ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung;


Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.


Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo:


Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;


eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.


Morena o mong, tumelo e nngwe, le kolobetso e nngwe.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.


Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


le wa thuto ya dikolobetso, le wa peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos