Amose 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi leo, barwetsana ba batle le bahlankana ba tla tepella ke ho nyorwa; BIBELE “Mohla tsatsi leo, pabala tsa barwetsana le tsa bahlankana, di tla akgeha, di akgehiswe ke lenyora. |
Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.
Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.
Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.
Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.
ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.
hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.
Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.
Kantle, lerumo le tla bolaya, ka tlung tshoho e tla ba teng; e tla nka mohlankana le morwetsana, lesea le anyang le motho e moputswa.