Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 9:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:17
33 Referencias Cruzadas  

Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo.


A ho se be motho ya mo etsetsang mohau, ho se be ya utlwelang dikgutsana tsa hae bohloko!


Ha a re letho ka matla a pere, ha a kgahliswe ke maoto a motho.


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana.


Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Ha o a ka wa abelwa lebitla le wona, e le kahobane o sentse lefatshe la hao, o bolaile setjhaba sa hao; leloko la ba bolotsana le ke ke la hlola le bolelwa le ka mohla o le mong.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Hobane Jerusalema o a thekesela, Juda o a wa, hobane maleme a bona le diketso tsa bona di lwantsha Jehova, ho halefisa mahlo a kganyang a hae.


Athe le yena o bohlale, ke kahoo a tlisang mahlomola, mme ha a kgutlise mantswe a hae; ntlo ya ba etsang hampe o tla e tsohela matla, le bona ba thusanang le ba sebetsang bokgopo.


Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.


Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.


Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.


Ba batjha ba kgathala, ba fokola, dikwankwetla di a wa.


Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.


Ka baka leo, kgalefo ya Jehova e tuketse setjhaba sa hae, mme o otlolletse letsoho la hae hodima sona, o se otlile; dithaba di a sisinyeha; ditopo tsa bona di ba jwaloka dithole tsa mmila. Leha ho le jwalo, ha a kgutla kgalefong ya hae, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.


Ke tla etsa Jerusalema thabo ya ka, setjhaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentswe la dillo ha le sa tla hlola le utlwahala teng, leha e le lentswe la pokollo.


Basiria botjhabela, le Bafilesta bophirimela, hore ba je Iseraele ka molomo o ahlamileng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: Ke tla rena hodima lona ka letsoho le matla, ka letsoho le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka.


Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Ka tsatsi leo, barwetsana ba batle le bahlankana ba tla tepella ke ho nyorwa;


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.


Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.


Kameso le re: Kajeno le tla duma, hobane lehodimo le bofubedu bo botsho. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo hantle, le sitwa keng ho lemoha dipontsho tsa mehla ena na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios