Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 8:13 - BIBELE

13 “Mohla tsatsi leo, pabala tsa barwetsana le tsa bahlankana, di tla akgeha, di akgehiswe ke lenyora.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka tsatsi leo, barwetsana ba batle le bahlankana ba tla tepella ke ho nyorwa;

Ver Capítulo Copiar




Amose 8:13
13 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.


Batjha ba a kgathala, mme ba tepelle, bahlankana ba kgothometsehe, ba be ba we;


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


“Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe.


“Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng!


Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe.


Batjha le maqheku ba rapaletse mmoho, ba rapaletse diterateng, ba rapaletse hara lerole; bahlankana le barwetsana ba ka ba shwele, ba eshwa ke ho bolawa ka sabole. O ba bolaile mohla o no halefile, wa ba bolaya le mohau o se na wona.


Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.


Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: ‘Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.’


Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana.


Sabole e tla ja bana mabaleng, e timetse ngwana le moshanyana, lesea le leqheku ka ho tshwana, ka matlung teng ho buse tshabo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos