La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Amose 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Na dipere di mathiswa mafikeng, kapa na ho lengwa ka dipholo teng, haele moo le fetotse kahlolo mahloko, le tholwana ya ho loka le e fetotse lengana,

Ver Capítulo

BIBELE

Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.

Ver Capítulo



Amose 6:12
17 Referencias Cruzadas  

Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Le lemile bokgopo, le kotutse bolotsana, le jele dijo tsa leshano. Hobane, wena Iseraele, o tshepile metsamao ya hao le bongata ba dinatla tsa hao.


Ba bolela dipolelo tsa bosawana, ba hlapanya ka bohata; ba hlaba dilekane; ke moo kahlolo ya bona e se e ya hlomela jwaloka sehlohlo bolemeng.


ke tla timetsa moahlodi mahareng a hae, le marena a hae ke a fedise hammoho le yena: ho itswalo ke Jehova.


Ha ba tsebe ho etsa ho lokileng, ho itswalo ke Jehova, bao ba bokellang kgapo le tshenyo matlung a bona.


Bao ba fetola kahlolo lengana, ba dihela ho loka fatshe;


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.