A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.
Amose 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane bonang, Jehova o laetse, mme ntlo e kgolo e tla thuhwa, e fetohe dithako, le ntlo e nyenyane e tla etswa dikgeo. BIBELE Morena ke yena ya laelang: Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka, e nyenyane le yona a e thuake. |
A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.
Difate tse ferileng ntlo di wa ka baka la botswa ba matsholo a e ferileng, mme ntlo e nela ka baka la matsoho a tswafang ho sebetsa.
Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.
ho dutse jwalo le lentswe la ka le tswang molomong wa ka: le ke ke la kgutlela ho nna le le feela, empa le tla sebetsa se ratwang ke nna, le phethe seo ke le rometseng sona.
Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.
Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.
Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.
Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.
Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.
Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.
Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.
Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.
Leha Edomo a ka re: Re thumakantswe; empa re tla kgutla, re be re tsose masupi a senyehileng ... Jehova wa makgotla o re: Ba tla haha, empa nna ke tla heletsa, mme ba tla bitswa naha ya bokgopo, le setjhaba seo Jehova a se halefelang kamehla.
ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.