hobane, ke le mohlanka wa hao, ke tseba hobane ke sitilwe; ke ka baka leo ke fihlileng kajeno ke le wa ho qala ho bohle ba ntlo ya Josefa, ho kgahlanyetsa morena, monga ka.
Amose 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Batlang Jehova, le tle le phele, esere mohlomong a wela ntlo ya Josefa jwaloka mollo, mme mollo oo wa fedisa Bethele, ho se motho ya o timang. BIBELE Batlang Morena, le tle le phele, esere a ikakgela kahara ntlo ya Josefa, a ikakgela sa mollo o tjhesa Bethele, o tjhesa Bethele, ho se ya ka o timang. |
hobane, ke le mohlanka wa hao, ke tseba hobane ke sitilwe; ke ka baka leo ke fihlileng kajeno ke le wa ho qala ho bohle ba ntlo ya Josefa, ho kgahlanyetsa morena, monga ka.
Monna eo, Jeroboame, e ne e le senatla le mohale. Salomone, ha a bona mohlankana eo hobane o sebetsa hantle, a mmea molebedi wa mosebetsi wohle o etswang ke ba ntlo ya Josefa.
Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.
Pelo ya ka e nkgopotsa ha o itse: Batlang sefahleho sa ka! Le jwale, Jehova, ke batla sefahleho sa hao.
Ekare ha hlaha e nama, mme e fumana meutlwa, kapa qubu ya mangata, kapa koro e ntseng e eme, kapa tshimo, e ba e etjha, ya tjhesitseng hlaha o tla lefa ka tefo e shwetseng.
Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.
Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.
Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.
Le ke le bollele Jehova, le tlose ho se bolle ha dipelo tsa lona, lona batho ba Juda le ba ahileng Jerusalema, esere kgalefo ya ka ya tswa jwaloka mollo, ya tjhesa e sa tingwe, ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.
Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.
Ere ho naha ya Iseraele: Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, ke tla pshemola lerumo la ka selateng, ke kgaole ba lokileng le ba babe ba ho wena.
Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?
O re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla nka sefate sa Josefa se letsohong la Efraime, le meloko ya Iseraele e kopaneng le yena, ke di bee ho se seng, e leng sefate sa Juda; ke tla di etsa sefate se le seng, di etse sefate se le seng letsohong la ka.
Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe.
Batlang ho hotle, e seng ho hobe, le tle le phele, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a fele a be le lona jwalokaha le bolela.
Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.
Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.
Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.
Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.
Ba tla e arola dikarolo tse supileng. Bajuda bona ba tla dula naheng ya bona nqa borwa; ba ntlo ya Josefa le bona ba dule naheng ya bona nqa leboya.