Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.
2 Samuele 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare, BIBELE Ha kgosi e se e dutse, e tsitsitse tlung ya yona, Morena a se a e phomoditse kahohle ho dira tsa yona, |
Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.
leha e le jwaloka mohla ke neng ke laeleditse baahlodi setjhaba sa ka sa Iseraele. Haele wena, ke o phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hao; hape Jehova o a o bolella hore Jehova o tla o etsetsa ntlo.
Yaba o bitsa Salomone, mora wa hae, a mo laela ho hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.
Davida a re ho Salomone, mora wa hae: E ne e le kgopolo ya pelo ya ka hore ke hahele lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo.
Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.
A haha metse ya diqhobosheane Juda; ke ha ntwa e ne e ntse e letse lefatsheng, hobane ha a ka a lwantshwa ke motho ka dilemo tseo, etswe Jehova a ne a mo neile phomolo.
Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.
Davida a bona mohau pela Modimo, mme a kopa hore a batlele Modimo wa Jakobo tabernakele.
Jehova a ba kgatholla hohle, kahohle kamoo a neng a hlapanyeditse bontata bona kateng; ha ho a ka ha eba se seng ho dira tsohle tsa bona se kileng sa tiya pela bona, kahobane Jehova a ne a neetse dira tsa bona matsohong a bona.
Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,