Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.
hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.
hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.
Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.
Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.