Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:11
15 Referencias Cruzadas  

Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse borena ba hae ka baka le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare,


morena a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya Modimo e dutse tlasa masela.


Salomone a roma banna ba dikete tse mashome a supileng ba bajari, le ba dikete tse mashome a robileng meno e mmedi ba betlang majwe dithabeng,


Dihahi tsa Salomone le dihahi tsa Hirame, le ba Gibale ba a betla, ba lokisa difate le majwe a tla haha ntlo.


Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna.


Mora motho, erekaha Batire ba tlakile Jerusalema ka ho re: Haiaha! kgoro ya ditjhaba e heleditswe, dintho di ya tla ho nna, ke tla ena, hobane motse o sentswe?


Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos