Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:11 - BIBELE

11 Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:11
15 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a bona hore efela Morena o mo hlomamisitse hore e be kgosi ya Iseraele, le hore o hodisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Baiseraele.


Ha kgosi e se e dutse, e tsitsitse tlung ya yona, Morena a se a e phomoditse kahohle ho dira tsa yona,


ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.”


Solomone o ne a ena le makgoba a dikete tse mashome a supileng a neng a thotha thepa, le a dikete tse mashome a robedi a neng a betlela majwe kwaring.


Dihahi tsa Solomone, le tsa Hirame, mmoho le Bagebale, tsa thua majwe, tsa betla mapolanka le majwe a ho haha Tempele.


Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.


Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng.


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele.


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


Jwale moedi o thinyetse Rama, o yo fihla motseng o haheleditsweng wa Tire; ebe o thinyetsa Hosa, o ya fella lewatleng, ho tloha Mehebele ho ya Akasibe,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos