La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




2 Samuele 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Rekabe le Baana, bara ba Rimmone wa Beerothe, ba tla, ba kena e sa le motshehare tlung ya Ishe-Boshethe, a robetse diphateng, e le motshehare o moholo.

Ver Capítulo

BIBELE

Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare.

Ver Capítulo



2 Samuele 4:5
9 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


Ho qala nakong eo Amatsia a neng a lesitse ho latela Jehova, batho ba mo fetohela Jerusalema; a balehela Lakishe, ba mpa ba mo phallela Lakishe, ba mmolaela teng.


Yaba bahlanka ba hae ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.