Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:4
10 Referencias Cruzadas  

Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Kahoo, Mefiboshethe a dula Jerusalema, hobane o ne a ntse a eja dijo tafoleng ya morena; o ne a holofetse maoto.


Morena a re: Na ha ho sa le motho wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau wa Modimo na? Tsiba a re ho morena: Ho sa setse mora Jonathane, ya holofetseng maoto.


Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!


Haele Hadade, a balehela Egepeta, a ena le Baedomo ba bang, bahlanka ba ntatae; ke ha Hadade a sa le monyenyane.


Mora Jonathane ke Meribe-Baale; mme Meribe-Baale a tswala Mikea.


Mora Jonathane ke Meribe-Baale; Meribe-Baale yena a tswala Mikea.


Jwale Bafilesta ba kgobokanyetsa makgotla wohle a bona Afeke; Baiseraele bona ba emisa sedibeng se Jisreele.


Ka baka leo, Davida le banna ba hae ba tsoha e sa le hosasa, hore ba kgutlele naheng ya Bafilesta; Bafilesta bona ba ya Jisreele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos