Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:5 - BIBELE

5 Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Rekabe le Baana, bara ba Rimmone wa Beerothe, ba tla, ba kena e sa le motshehare tlung ya Ishe-Boshethe, a robetse diphateng, e le motshehare o moholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:5
9 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.


Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine.


Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.


Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.


Kamora hoba Amasiya a furalle Morena, ba mo kunuta a le Jerusalema, yaba o balehela Lakishe, empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela hona teng.


Yaba bahlanka ba hae ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos