2 Samuele 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine; BIBELE Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine. |
Yaba ho fihla bahlanka ba Davida, ba ena le Joabe, ba tswa futuha, ba kgutla ba hapile kgapo e kgolo, Abnere yena a se a tlohile ho Davida, Hebrone, Davida a mo file tsela, a bile a itsamaetse ka kgotso.
Rekabe le Baana, bara ba Rimmone wa Beerothe, ba tla, ba kena e sa le motshehare tlung ya Ishe-Boshethe, a robetse diphateng, e le motshehare o moholo.
Davida a fetola Rekabe le Baana ngwanabo, bara ba Rimmone wa Beerothe, a re ho bona: Ka Jehova ya utlwang, ya namoletseng moya wa ka ditsietsing tsohle tsa ka, mohla e mong a neng a mphehela a re:
Mohlomong, Basiria ba ne ba futuhile ka dihlopha, ba ne ba thopile morwetsanyana naheng ya Iseraele; ya eba lekgabunyane la mosadi wa Naamane.
Yaba o ba etsetsa dijo tse ngata, ba eja, ba enwa; a ntoo ba kgutlisa, mme ba ikela ho morena wa bona. Mme makgotla a Siria ha a ka a hlola a kena naheng ya Iseraele.
Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.