Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:2 - BIBELE

2 Ishe-Boshete, mora wa Saule, o ne a ena le banna ba babedi, bao e neng e le balaodi ba mabothwana a hlaselang. Lebitso la e mong e ne e le Baana, e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone wa Berote e naheng ya bana ba Benjamine, hobane Beerote le yona e ne e wela naheng ya ba morabe wa Benjamine.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:2
9 Referencias Cruzadas  

le Seleke wa Moamone, le Naharai wa Beerote, mojari wa dihlomo tsa Joabe, mora wa Seruya,


Jwale bo-Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla, ba etswa moo ba neng ba hlasetse teng, mme ba tla ka kgapo e ngata haholo. Empa Abinere o ne a se a le siyo Heborone, ho Davida, hobane Davida o ne a se a mo lokolotse, mme a iketse ka kgotso.


Jwale bara ba Rimone wa Mobeerote, bo-Rekabe le Baana, ba ya ha Ishe-Boshete, mme ha letsatsi le le hloohong tsa mengala ba fihla tlung ya hae, a sa ntse a le phomolong ya hara mpa ya motsheare.


Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerote, a re ho bona: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, ya mpholositeng ditsietsing tsohle,


Baarame ba ne ba ile ba futuha ka mabothwana a bona, ba tla ba thopile morwetsanyana wa Moiseraele, mme ya eba yena ya sebeletsang mohatsa Naamane.


Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele.


Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote,


le Misepa, le Kefira, le Mosa,


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos