Ntwa ya nna ya ya halele ya ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Davida yena a nna a ya a tiya, ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola.
2 Samuele 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba ntlo ya Saule ba ntse ba lwana le ba ntlo ya Davida, Abnere a ipha matla tlung ya Saule. BIBELE Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule. |
Ntwa ya nna ya ya halele ya ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Davida yena a nna a ya a tiya, ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola.
wa botshelela ke Jithreame, ka Egla, mosadi wa Davida; bao ba tswallwa Davida, a le Hebrone.
Jehu a kena le Jonadabe, mora Rekabe, ka tlung ya Baale; yaba o re ho ba sebeletsang Baale: Batlang, le bone hore ho se ke ha eba hara lona le a mong wa ba sebeletsang Jehova, e be ba sebeletsang Baale ba nnotshi.
Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.
Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinohame, moradi wa Akimaatse. Lebitso la molaodi wa makgotla a hae e ne e le Abnere, mora Nere, rangwana Saule.