Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:6 - BIBELE

6 Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha ba ntlo ya Saule ba ntse ba lwana le ba ntlo ya Davida, Abnere a ipha matla tlung ya Saule.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:6
10 Referencias Cruzadas  

Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.


Wa botshelela ya eba Jitereame, wa mosadi wa Davida ya bitswang Egela. Bana ke ba ileng ba tswallwa Davida ha a le Heborone.


Yaba bo-Jehu le Jehonadabe, mora wa Rekabe, ba kena ka tempeleng ya Baale. Jehu a re ho ba rapelang Baale: “Hlahlobisisang, le ikgodise hore hara lona mona ha ho le ya mong wa bahlanka ba Morena, haese ba rapelang Baale feela.”


Haeba o rata ho futuha, futuha, o imatlafaletse ntwa. Modimo o tla etsa hore sera sa hao se o hlole, hobane Modimo o na le matla a ho thusetsa, le matla a hore motho a hlolwe.”


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


“Ya sa emang le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya.


Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Ahinoame, moradi wa Ahimase; lebitso la molaodi wa mabotho a hae e le Abinere, mora wa Nere, rangwana Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos