Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?
2 Samuele 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho ba Gibeone: Ke tla le etsetsang, kapa ke tla etsa pheko kang, hore le hlohonolofatse lefa la Jehova? BIBELE Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?” |
Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?
Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.
O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.
Ba re ho yena: Re tla o etsa jwang, hore lewatle le tle le re kgutsetse? Hobane lewatle le ne le ntse le eketsa ho halefa.
Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.
Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.
Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.