Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:19
32 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.


Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Efela morena o tla utlwa, a be a namolele lekgabunyane la hae matsohong a motho ya lakatsang ho re timetsa, nna le mora ke lefeng la Modimo.


Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?


Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?


Davida a re ho ba Gibeone: Ke tla le etsetsang, kapa ke tla etsa pheko kang, hore le hlohonolofatse lefa la Jehova?


Jehova a boela a halefela Baiseraele, mme a ba a susumelletsa Davida, a re: Eya, o bale Iseraele le Juda.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.


Yaba Satane o tsohela Iseraele matla, mme a susumetsa Davida hore a bale Baiseraele.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!


O se ke wa etselletsa mohlanka ho monga hae, esere a o rohaka, mme wa fumanwa o le molato.


Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.


Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.


Hobane ha ho lefa leha le le leng hara mafa a bana ba Iseraele, le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele ho le leng, empa bana ba Iseraele ba tla kgomarela e mong le e mong lefa la leloko la bontatae.


Ha ho lefa le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele lelokong le leng, empa leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya bana ba Iseraele le tla kgomarela lefa la lona.


Ekare ha o swabisa ngwaneno ka baka la sejo se seng, teng ha o tsamaye ka lerato. O se ke wa fedisa ka sejo sa hao motho eo Kreste a mo shwetseng.


Hojane ba le ferekanyang ba ka ikgaola le hona.


o se ke wa mamela dipolelo tsa moporofeta eo, kapa tsa molori eo wa ditoro; hobane ke Jehova, Modimo wa lona, ya le lekang hore a tsebe ha le rata Jehova, Modimo wa lona, ka pelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle.


Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?


A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.


Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos