Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 20:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Motse ona wa heso ke o mong wa metse e ratang kgotso, o tshepahalang naheng ya Baiseraele. Empa o batla ho timetsa motse ona, oo e leng mma metse ya Iseraele? Ke ka lebaka lang ha o rata ho ripitla motse oo e leng lefa la Morena?”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:19
29 Referencias Cruzadas  

Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?


Efela morena o tla utlwa, a be a namolele lekgabunyane la hae matsohong a motho ya lakatsang ho re timetsa, nna le mora ke lefeng la Modimo.


Jwale, romelang kapele, le tsebise Davida, hore a se ke a robala bosiu bona nahathothe, a mpe a tshelele mose wane, esere mohlomong morena le setjhaba sohle se leng ho yena ba timetswa.


Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.


Joabe a mo fetola, a re: E be hole le nna, e be hole le nna, taba ya hore ke heletse, kapa ke timeletse;


Davida a re ho ba Gibeone: Ke tla le etsetsang, kapa ke tla etsa pheko kang, hore le hlohonolofatse lefa la Jehova?


Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.


ke tle ke bone lehlohonolo la bakgethwa ba hao, ke ithabise ka thabo ya setjhaba sa hao, ke ithorise hammoho le lefa la hao.


ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang;


Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!


a mo tlosa dinkung tsa ditswetse, e tle e be modisa wa Jakobo, setjhaba sa hae, le wa Iseraele, lefa la hae.


Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.


Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.


Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Morena o fetohile ya kang sera, o metsitse Iseraele, a ripitla matlo a hae kaofela a borena, a fedisa metse e marako; o atiseditse moradi wa Juda maswabi le mahlomola.


Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa, bona, le matlo a bona, le batho kaofela bao e leng ba Kore, le dintho tsa bona kaofela.


Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.


Mme etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shwang hona ho apere ho sa shweng, ke moo polelo e ngodilweng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitswe ke hlolo.


Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo.


Etlere ha o atametse motse ho o lwantsha, o o beele tsa kgotso;


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.


Balaodi ba ne ba hlokeha, ba ne ba hlokeha Iseraeleng, ho fihlela ho ba ho ema nna, ke le Debora, ke ema eka ke le mma Iseraele.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos