2 Samuele 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke tla sokollela setjhaba sohle ho wena, hobane, ha ho ka shwa motho eo o mmatlang, etlaba setjhaba se sokolohetse ho wena kaofela ha sona, mme setjhaba se tla ba le kgotso. BIBELE Ke tla o tlisetsa batho bohle. Ha bohle ba se ba kgutlile, haese feela motho eo o mmatlang, setjhaba sohle se tla ba kgotso.” |
Teng Abnere a re ho Davida: Ha nke ke tlohe, ke ye, ke bokellele morena, monga ka, Baiseraele bohle, ba tle ba hlabe selekane le wena, wena o buse kahohle kamoo pelo ya hao e ratang kateng. Davida a fa Abnere tsela, a itsamaela ka kgotso.
Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.
Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.