Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.
Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.
Ha ba tsebe tsela ya kgotso, ho loka ha ho yo mekgweng ya bona; ba iketseditse ditsela tse kgopo; e mong le e mong ya tsamayang ho tsona ha a tsebe kgotso.