Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. ‘Kgotso! Kgotso!’ ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:14
21 Referencias Cruzadas  

Ke tla sokollela setjhaba sohle ho wena, hobane, ha ho ka shwa motho eo o mmatlang, etlaba setjhaba se sokolohetse ho wena kaofela ha sona, mme setjhaba se tla ba le kgotso.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Ngwedi ya kgwedi e tla tshwana le kganya ya letsatsi, mme kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa, e be jwaloka kganya ya matsatsi a supileng, ka letsatsi leo Jehova a tla tlamella leqeba la setjhaba sa hae, a fodise matetetso a dikotlo tsa hae.


Yaba ke re: Jo! Jo! Morena Jehova, bona, baporofeta ba bona ba ba bolella, ba re: Ha le ka ke la bona lerumo, tlala ha e ka ke ya eba teng ho lona; hobane ke tla le nea kgotso e tiileng nqalong ena.


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.


Ba latotse Jehova, ba itse: Ha a yo; tsietsi e ke ke ya re hlahela, re ke ke ra bona lerumo leha e le tlala;


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...


e leng baporofeta ba Iseraele, ba neng ba porofetela Jerusalema, ba neng ba mmonela dipono tsa kgotso, kanthe ha ho kgotso: ho rialo Morena Jehova.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos