Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Teng Abnere a re ho Davida: Ha nke ke tlohe, ke ye, ke bokellele morena, monga ka, Baiseraele bohle, ba tle ba hlabe selekane le wena, wena o buse kahohle kamoo pelo ya hao e ratang kateng. Davida a fa Abnere tsela, a itsamaela ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:21
8 Referencias Cruzadas  

Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.


ha a itse, o tla amoha ntlo ya Saule mmuso, a tiise terone ya Davida Iseraeleng le Juda, ho tloha Dane, le ho ya fihla Beerseba!


Ebile Abnere o romela Davida manqosa a tswang ho yena, a re: Lefatshe ke la mang na? A eketsa a re: Hlaba selekane le nna; o tla bona letsoho la ka le o emela, hore ke sokollele Baiseraele bohle ho wena.


Abnere a tla ka taba tsena ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi, mme Davida a etsetsa Abnere la banna ba hae mokete.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


Wena, ke tla o kgetha, hore o buse kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng; e tla ba wena morena wa Iseraele.


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!


Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos