Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:21 - BIBELE

21 Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Teng Abnere a re ho Davida: Ha nke ke tlohe, ke ye, ke bokellele morena, monga ka, Baiseraele bohle, ba tle ba hlabe selekane le wena, wena o buse kahohle kamoo pelo ya hao e ratang kateng. Davida a fa Abnere tsela, a itsamaela ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:21
8 Referencias Cruzadas  

A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.


e leng ho amoha ntlo ya Saule mmuso, le ho bea Iseraele le Juda tlasa terone ya Davida, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba.”


Abinere a roma maqosa ho Davida, a re: “Naha ee ke ya mang?” A boela a re: “Bona mona, a re etse selekane le wena, mme ke tla o thusa hore Baiseraele bohle ba o sale morao.”


Yaba Abinere o ya Heborone ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi. Davida a etsetsa Abinere, le banna bao a neng a ena le bona, mokete.


Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


Ke tla o nka, mme o buse kahohle kamoo o lakatsang kateng, o be kgosi ya Iseraele.


A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.


Bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tseo e leng tsa Kreste Jesu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos