Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:20 - BIBELE

20 Yaba Abinere o ya Heborone ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi. Davida a etsetsa Abinere, le banna bao a neng a ena le bona, mokete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Abnere a tla ka taba tsena ho Davida, a ena le banna ba mashome a mabedi, mme Davida a etsetsa Abnere la banna ba hae mokete.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:20
6 Referencias Cruzadas  

A ba etsetsa mokete, mme ba eja, ba enwa.


Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng.


Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.


Abinere a re ho Davida: “Jwale ke tla tsamaya, ke yo bokellela monga ka, kgosi, Baiseraele bohle, hore ba tlo etsa selekane le wena, mme o tle o buse hohle moo o ratang ho busa teng.” Davida a dumella Abinere hore a tsamaye, mme eo a ikela ka kgotso.


Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.


Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos