Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;
2 Bakorinthe 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) e leng wona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, e seng sa letere, empa e leng sa Moya; hobane letere yona e a bolaya, empa Moya o a phedisa. BIBELE Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa. Baasraak Sotho NT Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang. |
Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda;
A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.
hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe.
A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.
Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.
Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.
eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;
Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke o beile ntata ditjhaba tse ngata. Ke ntata rona bohle pela Modimo oo a dumetseng ho wona, o phedisang ba shweleng, o bitsang dintho tse siyo jwaloka hoja di le teng.
Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.
Hobane molao wa Moya wa bophelo, o leng ho Jesu Kreste, o nkgolotse molaong wa sebe le wa lefu.
Ka mokgwa o jwalo, a nka senwelo, hobane ho lallwe, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka; etsang hoo, kamehla yohle ha le enwa, le tle le nkgopole ka hona.
Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.
Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.
Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.
Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.
Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;
Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.
Le a bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsweng ke tshebetso ya rona, le ngodilweng, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; ha le a ngolwa matlapeng a lejwe, empa e le matlapeng a nama, a dipelo tsa lona.
Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;
Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!
Ha ho le jwalo, na molao o hanana le dipallo tsa Modimo na? Le hanyenyane! Hobane molao o neilweng batho hoja o ka tseba ho phedisa, ruri ho loka ho ne ho tla tswa molaong.
ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),
eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.
Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!
Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.
ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.
Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,
Jwale, ha a bolela selekane se setjha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, mme ntho e tsofetseng, ya mokgulela, e se e ya timela.
Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.
Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo —