Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, ha a bolela selekane se setjha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, mme ntho e tsofetseng, ya mokgulela, e se e ya timela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ha e le moo a bua ka selekane se setjha, ke hobane sa pele o se tsofaditse, mme ntho e tsofalang, e onelang, eba e haufi le ho fela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 8:13
15 Referencias Cruzadas  

Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.


Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe haele boporofeta, bo tla fela; leha e le dipuo, di tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela.


e leng wona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, e seng sa letere, empa e leng sa Moya; hobane letere yona e a bolaya, empa Moya o a phedisa.


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


a tla timela, empa wena o ya sala; a tla tsofala kaofela jwaloka seaparo;


ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.


ke moo ho bonahalang hoba Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se fetisang sa pele.


Empa moprista e moholo wa rona o filwe tshebeletso e fetisang, kahobane e le mmuelli wa selekane se fetisang, se hlabilweng ka dipallo tse fetisang le tsona.


Athe ke ka nyatso Modimo o itseng ho Bajuda: Bonang, nako e sa tla eo ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda: ho itswalo ke Morena;


Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos